Vader Oa Lekaota – Pheko
Label: Crazy Sound Records
DOWNLOAD
PHEKO
Le hloka pheko Lefatshe le le tswa madi
Rato la matsatsi ana ntate ke thohako
Batho ba thetsana Le fele ka dipolao
Bana e ba dikgutsana Ntate re le teng
Hona feela ke ho hloka lerato
Batho ba bolayana ka mehla yena yohle
‘Fatshe le felletsoe ke Lerato le Botho
Le a Kula, Lefatshe le a Kula
Modimo ra fela, Re kopa o re phekole
Mafu a kena Sechaba se a feela hle
Bana ba feela O thotse O hokae
Le fihlile letho ha re bone ditsela
Baholo ba re sile re robetse teleha
Baruti ba re kototsa Ba sotla ka Sechaba
Hothwe Thuto ke Senotlolo sa Bophelo
Feela ke bona mehleng ena ho fetohile
Talente le Bohlale di felletse dithetefatsing
Bona Bacha ba fedile
Mafu a rata Lefatshe
Nkare Modimo o re hloile kerekeng
Batho ba Kututswa ka lebitso la Modimo
Letsatsi le tjhabile
Ba Busang ba feteletse
Re kopa o re phekole!
O thotse O ho kae!